Announcements - PRESS STATEMENTS


PRESS STATEMENT
02 October 2025
Maseru, Kingdom of Lesotho
Yearn for Economic Sustainability – YES e nts’a patlalatso ena ka pelo e bohloko ka ho fitisisa moo ho bonahalang sepolesa sa Lesotho se kene ka hara phaposi ea baithuti sekolong sa Centre for Accounting Studies CAS ‘me se shapa baithuti ba joalo ka sehloho ha baithuti baipelaetsa ka ho se fuoe litsiane tsa bona tseo ba lokeng ho lithola ka molao.
Sepolesa ha se lokela ho lata bao ba sa pataleng baithuti ele ho ba nkela khato, ba utloa ba nolofalloa ke ho lata mahlasipa eleng baithuti CAS. Taba ena re ts’oela ka sehlethehali sa sekhohlela. Ka ho fitisisa, re ts’oela ka sehlethehali sa sekhohlela se setala sekolo seno sa Centre for Accounting Studies.
Sona sekolo sena sa CAS sena le security e sebetsang moo, ha re utloe na ba bitsa mapolesa a hlometseng ka lithunya tse kholo tse ts’osang hore batlo etsang baithuti ba tsoereng li pene le li pitloto.
Taba ena e lokela ho ema hang-hang. Batsoali ba isa bana ba bona likolong hoba ho bolokehile sebakeng se joalo, e seng hore balo kenyoa tlasa khatello ea lits’oso ka merathata ea lithunya, ha sekolo se hloleha ho sebetsa taba ea baithuti hore ba thole li tsiane tsa bona tseo ba lokelang ho lithola ka molao.
Ha bana ba basa pase moo ka baka la lits’oso tse, sekolo le ‘muso batla nka boikarabello ka taba eo? Re botsa botso ena hoba bana bao ba tlabe bale tlasa khatello ea lits’oso tsa hore sepolesa se ka kena neng kapa neng sa ba khakhatha ka hara sebaka seo bane ba lebelletse hore se bolokehile ho bona.
Re batla ho bua taba ena ka patla e phahameng, moo ngoana Mosotho a tla hlokofatsoa ke sepolesa hape ha bana bao ba phetha litokelo tsa bona tsa matla sebakeng seo ba lokollohileng ka molao, rele YES re tla mathela lekhotleng ele ho kopa lekhotla ho tsekisa sepolesa matla a senyekhe-nyekhe ka hara Pinal Code 2010.
Re tla kopa Lekhotla hore le bekhe matla a Pinal Code 2010 khahlanong le Molao oa Motheo oa Naha oa 1993 o hlomathisitsong. Rebe re kope le khotla hore lepolesa le tla hlokofatsa mang kapa mang ka thoko ho molao, lepolesa le joalo le qose ele motho.
Baithuti ha bana libetsa empa bana le lipene le li pitloto. Ena ea ho ba ts’osa le ho ba khakhatha ka sepolesa se hlometseng merathatha hakalo, ha hona motsoali ea ka ratang ha ntho tse joalo li etsoa ho ngoana oa hae. Ho CAS le Minister of Education Honorable Ntoi Rapapa taba ena, empe ebe ke la o qetela re bona e etsahala, e seng moo, re tla le hulela makhutleng.
Johova Molimo o boloke Lesotho, le Basotho le bana ban aba rona ba sekolo!
Issued by:
Yearn for Economic Sustainability (YES)