Announcements - YES PARTY ANNOUNCEMENTS
Lerato................
Greetings ladies and gentlemen!
We hereby inform you that Yearn for Economic Sustainability - YES, has met another great milestone of establishing its own student association at National University of Lesotho - NUL.
The name of association is called Student Association of Yearn for Economic Sustainability in short is called "SAYES" and was legally registered with Student Union of National University of Lesotho on the 28th July 2025. SAYES is preparing for its launch working hand in hand with YES and the date will be announced here soon.
Yours Faithfully
YES Secretary General
SESOTHO
Lumelang bo-’m’e le bo-ntate!
Re le tsebisa hore Yearn for Economic Sustainability – YES e se e fihletse katleho e ’ngoe e khōlō ka ho theha mokhatlo oa baithuti oa eona Univesithing ea Naha ea Lesotho – NUL.
Lebitso la mokhatlo ona ke Student Association of Yearn for Economic Sustainability, ka bokhuts’oane o bitsoa SAYES, ’me o ngolisitsoe ka molao tlas’a Student Union sa Univesithi ea Naha ea Lesotho ka la 28 Phupu 2025.
SAYES hona joale o ntse o itokisetsa ho qala ka molao, ’me o sebetsa haufi-ufi le YES. Letsatsi la ketsahalo ena le tla phatlalatsoa haufinyane mona.
Ea Ikokobetsang
Mongoli Kakaretso oa YES
Greetings Members and Basotho
Please watch this video to know more about YES. Click the link below
https://youtu.be/tSuCcOM7hmI
Best Regards
Public Relations Officer
Yearn for Economoic Sustainabilty - YES e entse qeto ea ho ts'ehetsa litho tsa eona ka chelete ele ho imatlafatsa le ho nolofalloa ho etsa mosebetsi ele ho holisa YES. Litho li tla fuoa chelete. Ke bonyane ba M4,000.00 tseo litho li tla khona ho e etsa tlasa progromme or project ena eo YES enang le eona.
Litho tse tla fihlela lipehelo, batla kenyoa ka hara lebota la WhatsApp le hona mona ele monyetla oa hore hobe le ponaletso. Litho li tla khona ho thola M4,000.00 khoeli le khoeli.
Hore ebe emong oa litho tse tla khona ho thola monyetla ona, o lokela ho fihlela tse latelang;
1. O be setho sa YES se patetseng botho, ebile o ngolisitse le IEC o thotse le nomoro ea hao ea ngolisi hotsoa IEC.
2. O be o khonne ho hohela batho ba 25 hotsoa lebatooeng la hao ba tla ngolisa le YES ebe ba patale botho le hona ho hongolisa le IEC ebile ba thotse linomoro tsa ngoliso hotsoa IEC.
3. Letsona litho tseo o tla li hohela, hore ba une molemo ona, ba lokela ho etsa methati e tsonang le ea hao.
4. Ka tsona litho tseo o li hohetseng lekhethe likomiti tsa metse le ea Lebatooa. Moo honang le batho ba bangata ba entseng ntho e tsoanang, le tla sebetsa ha 'moho ele ho khetha li komiti.
5. O lokela obe o ngolisitse ho website ena ea rona hape.
Keletso ke hore le hohele batho ba ts'epahalang.
Nthleng tsa lipotso mabapi le programme ena kena ka hara lebota la YES la YES BUSINESS OPPORTYNITY ho link etla fumaneha hona ho website ena tlasa button ea Web Links
Ea Ikokobetsang
National Treasurer
Litho tsohle tsa YES le Basotho ba ka ratang hoba litho tsa YES, li kopuoa ho ingolisa ho website ena ele ho matlafatsa sesiu sa rona le ho sebeha boemong bo bolokehileng haholo.
Sepheho sa ho etsa tjena, ko ho phethahatsa lihlomathiso tse ka hara molao oa motheo oa YES moo li bolelang hore litho tse tla rata ho emale YES ho likhetho tsa li PRIMARY molemong oa ho emela YES ho likhetho tsa naha tse akaretsang kapa ho emela YES ka hara paramente, litho tse joalo, botho ba bona bo tla lokela hore ebe ele motho eanang le selemo ele setho sa YES sephethahetseng. Hona ho bolele hore ebe ele setho senang le selemo pele ho likhetho tseo tse akaretsang tsa naha. eseng ho kopanya lilemo tse fitileng empa ele selemo seo ho tla uoa likhethong tse akaretsang tsa naha.
Ea Ikokobetsang
Secretary General